Artikel

Makgotla a taolo ke senotlolo sa thuto ka puo ya lapeng, ho rialo FEDSAS

19/02/2018 - Fedsas


Melemo ya setjhaba sa dipuo tse ngata e tsejwa hantle. Diphuputso di paka hore bokgoni ba ho bua puo tse fetang bonngwe bo na le boleng ho setjhaba, botho ba motho, thuto esita le mosebetsi. Ka mokete wa Letsatsi la Lefatshe la Dipuo tsa Lapeng ka la 21 Hlakola, Federeishene ya Makgotla a Taolo ya Dikolo tsa Afrika Borwa (FEDSAS) e tla be e tobane haholo le thuto ka dipuo tse ngata.
           
“Ka thuto ya dipuo tse ngata re bolela hore bana ba na le tokelo ya ho kgetha hore ba rata ho rutwa ka puo efe. Kgatello ya dipolotiki hangata e re lebatsa hore dipuo tse ngata ke motheo wa mokgwa wa thuto ya Afrika Borwa – ho se ho ntse ho na le dikolo dipuong tsohle tse leshome le motso o mong tsa molao,” ho rialo Ngaka Jaco Deacon, Motlatsi wa Mohlanka wa Phethahatso (CEO) wa FEDSAS.
           
Deacon o re phephetso ha se ho ba teng ha thuto ya puo ya lehae empa ke ho ba teng ha thuto ya boleng ka dipuo tsohle tse leshome le motso o mong. “Leano la sekolo la puo ke lona lebaka le le leng leo ka lona batswadi le bana ba kgethang sekolo se itseng. Ntlha e laolang mona ke thuto ya boleng. Ka toboketso ya rona ya thuto ya dipuo tse ngata FEDSAS e batla hore ke mosebetsi wa baphethahatsi ba seabo ho etsa bonnete ba hore ho na le dikolo tse sebetsang hantle tse leng teng dipuong tsohle tsa molao. Ena ke yona tsela e le nngwe feela ya ho etsa bonnete ba hore bana ba rutwa thuto ya boleng ka puo ya bona ya lapeng.”
           
Dikgetho tsa kamehla tsa lekgotla la taolo ya sekolo kamora dilemo tse tharo di tla ba teng kgweding e tlang. Ho baballa leano la sekolo la puo ke o mong wa mesebetsi ya lekgotla la taolo ya sekolo. “Haeba batswadi le baphethahatsi ba setjhaba sa sekolo se itseng ba utlwa eka sekolo ha se fane ka thuto ya boleng, dikgetho tsa SGB di ba fa monyetla wa ho ba le seabo. Ho na le ho ema meleng ya ho romela bana dikolong tse lokileng moo ba tla rutwa ka puo eo eseng ya lapeng, baphethahatsi ba seabo ba ka etsa bonnete ba hore sekolo se haufi le setjhaba sa habo bona se fetoha ho ba sekolo se sebetsang hantle haholo.”
           
Mona he FEDSAS e na le seabo sa bohlokwa sa ho ruta ditho tsa lekgotla la taolo. E nngwe ya diprojeke tse ngata tsa ho etsa bonnete ba boleng ba taolo ya sekolo ke tataiso ya makgotla a taolo ya sekolo. A practical guide to school governance e fumaneha ka dipuo tse tsheletseng, tse kenyeletsang English, Afrikaans, Sesotho, Setswana, isiXhosa le isiZulu. Haufinyana e tla fumaneha ka dipuo tsohle tsa molao tse leshome le motso o mong.
           
“Dintlha tsa taolo ya sekolo hangata e ka ba tsa botekgeniki haholo. Thuto ya boleng e amana ka ho otloloha le botsamaisi ba boleng mme ke ka hona FEDSAS e ratang hore dintlha tsena di fumanehe ka hohle kamoo ho ka kgonehang,” ho rialo Deacon.
           
Tataiso e fana ka tjhebokakaretso ya dintlha tsa motheo tsa taolo ya sekolo mme ke ntlha ya pele eo ditho tse ntjha tse kgethilweng tsa lekgotla la taolo esita le ditho tse ntseng di le teng tse ratang ho eketsa tsebo le boiphihlelo ba tsona.
  • Letsholo la FEDSAS la dintlha tse feletseng mabapi le dikgetho tsa SGB le kenyeletsa ntshetsopele ya diwebosaete tse pedi moo batswadi le baphethahatsi ba bang ba seabo ba ka fumanang dintlha mabapi le dikgetho le seabo sa lekgotla la taolo. Diwebosaete di fumaneha ho www.schoolelections.co.za le www.lovemyschool.co.za
  • Bakeng sa dintlha tse ngatanyana mabapi le tataiso ena, ka kopo etela www.fedsas.org.za kapa o ikopanye le 051-522 6903.

Copyright FEDSAS 2024 | NPO Registration No. 128-598NPO | NWO-registrasienr 128-598NPO | Privaatheidsbeleid